Esera 8:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana ke tsona dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, e leng lenane la meloko ya ba ileng ba kgutla Babilona, ba ena le nna, Esera, mehleng ya puso ya kgosi Aretaseresese.

2. Ho ba lelapa la Finease ke Gereshome, ho ba lelapa la Itamare ke Daniele, ho ba lelapa la Davida ke Hatushe.

3. Ho ba lelapa la Shekaniya, e leng ditloholo tsa Paroshe, ke Sekariya, eo ba batona, ba leloko la hae, e neng e le lekgolo le mashome a mahlano.

4. Ho ba lelapa la Pahate-Moabe ke Eleunai, mora wa Seraya, ya neng a ena le ba batona ba makgolo a mabedi.

Esera 8