9. O ne a ile a tloha Babilona ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, a fihla Jerusalema, hobane Morena Modimo wa hae, o ne a mo hlohonolofaditse.
10. Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.
11. Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele:
12. “Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!
13. “Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena.
14. O rometswe ke kgosi le baeletsi ba yona ba supileng, ho ya fuputsa ditaba tsa Juda le tsa Jerusalema, mabapa le Molao wa Modimo wa hao, o letsohong la hao.
15. O nke le silefera le kgauta, eo ka yona kgosi le baeletsi ba yona ba etsetsang Modimo wa Iseraele, eo Tempele ya hae e leng Jerusalema, mpho ya boithaopo.
16. O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema.
17. “Ka tjhelete ena o hlokomele hore o reke dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo, le dinyehelo tsa tsona tsa dino, mme ka tsena o etsetse nyehelo hodima aletare ya Tempele ya Morena Modimo wa hao, e Jerusalema.
18. “Ka silefera le kgauta e tla sala, wena le bana beno le etse ka yona seo le bonang se le molemo, ho phetha thato ya Modimo wa lona.
19. Le thepa eo o e filweng, ya ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo wa hao, o neelane ka yona ho Modimo wa Jerusalema.
20. Dintho tse ding, tse ka hlokwang bakeng sa Tempele ya Modimo wa hao, tseo o lokelang ho fana ka tsona, o di nke letloleng la matlotlo a kgosi.