Esera 7:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema.

17. “Ka tjhelete ena o hlokomele hore o reke dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo, le dinyehelo tsa tsona tsa dino, mme ka tsena o etsetse nyehelo hodima aletare ya Tempele ya Morena Modimo wa hao, e Jerusalema.

18. “Ka silefera le kgauta e tla sala, wena le bana beno le etse ka yona seo le bonang se le molemo, ho phetha thato ya Modimo wa lona.

19. Le thepa eo o e filweng, ya ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo wa hao, o neelane ka yona ho Modimo wa Jerusalema.

20. Dintho tse ding, tse ka hlokwang bakeng sa Tempele ya Modimo wa hao, tseo o lokelang ho fana ka tsona, o di nke letloleng la matlotlo a kgosi.

21. “Nna, kgosi Aretaseresese, ke etsa taelo ho baboloki bohle ba matlotlo, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, hore tsohle tseo moprista Esera, setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo, a tla di kopa ho bona, ba mo nee tsona ntle ho tikatiko.

22. Ba mo nee silefera e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le koro e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse leshome, le dilethara tsa veine tse sa feteng dikete tse pedi, le dilethara tsa ole ya mohlwaare tsa sa feteng dikete tse pedi, le letswai le lengata hoo le ke keng la lekanngwa.

23. Tsohle tseo Modimo wa mahodimo a laetseng hore di etswe, di etsetswe Tempele ya Modimo wa mahodimo ka hloko, esere Modimo a halefela kgosi le bara ba yona.

24. Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.

Esera 7