1. Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya,
2. Hilekiya ya tswetsweng ke Shalome, Shalome ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ke Ahitube,
3. Ahitube ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Meraote,
4. Meraote ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Usi, Usi ya tswetsweng ke Buki,
5. Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.
6. Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.
7. Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.
8. Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, Esera a fihla Jerusalema.
9. O ne a ile a tloha Babilona ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, a fihla Jerusalema, hobane Morena Modimo wa hae, o ne a mo hlohonolofaditse.
10. Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.
11. Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele:
12. “Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!