5. Thepa ya Tempele ya Modimo, e entsweng ka kgauta, le e entsweng ka silefera, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng e Jerusalema, a e isa Babilona, e kgulisetswe Tempeleng e Jerusalema, e bewe ditulong tsa yona, ka Tempeleng ya Modimo.> ”
6. Yaba Dariuse o ba araba ka lengolo, o re:“Jwale wena Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le wena Shetare-Bosenai, le metswalle ya lona, e leng bahlanka ba mmuso, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le emelle thoko.
7. Le se ke la nna la kenakenana le mosebetsi wa Tempele ya Modimo. Tlohelang mmusisi wa Bajuda le baholo ba Bajuda ba hahe Tempele ena ya Modimo setsheng sa yona.
8. “Hape ke le laela seo le tshwanetseng ho se etsetsa baholo ba Bajuda, malebana le ho hahwa ha Tempele ena ya Modimo.“Ditshenyehelo tsa bona di ntshwe letloleng la kgosi, e leng lekgethong le tswang ho baahi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore mosebetsi o se ke wa kgaotsa.
9. Le se ke be la fosa: Ka letsatsi le leng le le leng le ba nee tseo ba di hlokang, e leng dipohwana, le dipheleu, le dikonyana tsa ho etsetsa Modimo wa mahodimo dinyehelo tsa setjheso; le ba nee le koro, le letswai, le veine, le ole ho ya kamoo baprista ba Jerusalema ba kopang kateng,
10. e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona.