Esera 6:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba phetha ka ho tlala tsohle tseo kgosi Dariuse a ba laetseng tsona.

14. Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.

15. Ka letsatsi la boraro la kgwedi ya Hlakubele, e leng ka selemo sa botshelela sa puso ya kgosi Dariuse, Tempele ena ya qetwa ho hahuwa.

16. Bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le bohle ba neng ba thopilwe, ba keteka mokete wa ho kgakola Tempele ya Modimo ka thabo.

17. Moketeng ona wa ho kgakola Tempele ya Modimo, ba ile ba nyehela ka dipohwana tse lekgolo, le ka dipheleu tse makgolo a mabedi, le ka dikonyana tse makgolo a mane. Bakeng sa nyehelo e tlosang sebe sa Baiseraele bohle, ba nyehela ka diphooko tse leshome le metso e mmedi, ho latela palo ya merabe ya Iseraele.

18. Ba hlophisa baprista ho ya ka dihlopha tsa bona, le Balevi ho ya ka mesebetsi ya bona, bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe.

19. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ba neng ba thopilwe ba etsa mokete wa Paseka.

20. Baprista le Balevi ba itlhwekisa kaofela, mme bohle ba hlweka. Balevi ba hlaba konyana ya Paseka, ba e hlabela bohle ba neng ba thopilwe, le bana babo bona, e leng baprista, mme le bona ba itlhabela yona.

21. Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.

22. Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.

Esera 6