1. Kgosi Dariuse a laela hore ho fuputswe ka tlung ya dibuka e Babilona, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona.
2. Motseng wa Ahemeta, ka tlung ya kgosi e naheng ya Bamede, ha fumanwa lengolo. Ho lona ho ne ho ngotswe tjena:
3. “Ka selemo sa pele sa puso ya hae, kgosi Siruse a etsa taelo malebana le Tempele ya Modimo e Jerusalema. Taelo eo e ne e re: <Ho hahwe Tempele, e leng sebaka seo ho tla nyehellwa mahlabelo ho sona, mme metheo ya yona e tiye. Bophahamo ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng.
4. Mabota a be le mela e meraro ya majwe, le mola wa mapolanka a entsweng ka difate tse ntjha. Ditshenyehelo tsa teng di ntshwe letloleng la kgosi.
5. Thepa ya Tempele ya Modimo, e entsweng ka kgauta, le e entsweng ka silefera, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng e Jerusalema, a e isa Babilona, e kgulisetswe Tempeleng e Jerusalema, e bewe ditulong tsa yona, ka Tempeleng ya Modimo.> ”
6. Yaba Dariuse o ba araba ka lengolo, o re:“Jwale wena Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le wena Shetare-Bosenai, le metswalle ya lona, e leng bahlanka ba mmuso, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le emelle thoko.
7. Le se ke la nna la kenakenana le mosebetsi wa Tempele ya Modimo. Tlohelang mmusisi wa Bajuda le baholo ba Bajuda ba hahe Tempele ena ya Modimo setsheng sa yona.