4. Ba boela ba re ho bona: “Banna ba ntseng ba haha mohaho oo ke bo-mang?”
5. Empa Modimo wa bona o ne a ntse a tadimile baholo ba Bajuda, mme bahanyetsi ba ne ba ke ke ba ba thibela ho haha, ho fihlela ha ho tsebisitswe Dariuse, mme yena a arabile ka lengolo. Bo-Tatenai ba ngola lengolo malebana le taba ena.
6. Lengolo leo bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, e leng bahlanka ba mmuso ba neng ba le ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ba ileng ba le ngola, ke lena:
7. Lengolo lena le neng le rometswe ho kgosi le ne le re:“Kgotso yohle e be le kgosi Dariuse!