1. Baporofeta, e leng Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba porofetela Bajuda ba neng ba ahile naheng ya Juda le Jerusalema; ba ba porofetela ka lebitso la Modimo wa Iseraele ya ba okametseng.
2. Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.
3. Ka yona nako eo, bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba fihla ho bo-Serubabele, ba re ho bona: “Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela lerako lee?”