4. Jwale setjhaba sa naha eo sa nyahamisa baahi ba naha ya Juda dipelo, e le hore ba tle ba tshabe ho haha.
5. Setjhaba seo sa ntshetsa baeletsi ba kgosi tjotjo, hore ba sitise morero wa Bajuda. Hona sa ho etsa ka nako yohle ya puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, ho fihlela mehleng ya puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.
6. Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.
7. Le mehleng ya Aretaseresese, bo-Bishelame, le Miteredate, le Tabeele, le metswalle yohle ya bona, ba ngolla Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, lengolo le ngotsweng ka ditlhaku tsa Searame, ka puo ya Searame.
8. Bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, ba ngolla Aretaseresese lengolo le hanyetsang ho tsoswa ha Jerusalema. Le ne le ngotswe ke
9. bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, le baahlodi, le maqosa, le baemedi ba dinaha, le bahlanka ba mmuso, le Baereke, le baahi ba Babilona, le baahi ba Susa, e leng Baelame,
10. le ditjhaba tse ding tsohle, tseo Asenapare ya tumileng, ya kgabane, a neng a ile a di thopa, a di bea metseng ya Samaria, le naheng yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese.
11. Kopi ya lengolo leo ba ileng ba le ngola ke ena:“Ho kgosi Aretaseresese.“Rona, bahlanka ba hao, ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese, re re:
12. Kgosi a e ke e tsebe hore Bajuda ba tswang moo ho wena, ba tlileng mona ho rona, ba fihlile Jerusalema. Ba ntse ba tsosa motse ona wa mahlabaphiyo, o kgopo. Ba hahile motheo, mme ba se ba qetela ho haha marako.
13. “Kgosi a e ke e tsebe hore haeba motse ona o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, baahi ba wona ba ke ke ba hlola ba sa lefa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa, mme tjhelete ya kgosi e tla fokotseha.
14. Jwale, erekaha re phela ka kgosi, mme re sa rate ho bona ha kgosi e hlomphollwa, ke ka lebaka lena re romelang kgosi molaetsa ona, hore e tsebe,
15. e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa.
16. Jwale, kgosi, re o tsebisa hore haeba motse oo o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, o ke ke wa hlola o sa busa ka bophirimela ho noka ya Euferatese.”
17. Yaba kgosi Aretaseresese o romela karabo ena ho bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le ho metswalle yohle ya bona e ahileng Samaria, le ho bohle ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese:“Kgotso!
18. “Re baletswe lengolo la lona ka mokgwa o hlakileng.