Esera 4:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa.

16. Jwale, kgosi, re o tsebisa hore haeba motse oo o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, o ke ke wa hlola o sa busa ka bophirimela ho noka ya Euferatese.”

17. Yaba kgosi Aretaseresese o romela karabo ena ho bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le ho metswalle yohle ya bona e ahileng Samaria, le ho bohle ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese:“Kgotso!

18. “Re baletswe lengolo la lona ka mokgwa o hlakileng.

19. Ke laetse hore ho fuputswe, mme ho fumanwe hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa ikgohomosetsa dikgosi, wa tsosa bohlabaphiyo le bofetohedi.

20. Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.

21. Laelang batho bao hore ba kgaotse, motse oo o se ke wa tsoswa, ho fihlela nna nka etsa taelo.

22. Hlokomelang, le se ke la fosa taelo ena, esere bobe bona ba tota, mme ba hlahisetsa dikgosi kotsi!”

23. Hoba lengolo lena la kgosi Aretaseresese le ballwe bo-Rehume, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, yaba ba potlakela Jerusalema ho Bajuda, ba fihla ba thibela mosebetsi wa bona ka dikgoka, le ka ho ba kgahlapetsa.

24. Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.

Esera 4