Esera 2:57-70 BIBELE (SSO89SO)

57. le tsa Shefatiya, le tsa Hatila, le tsa Pokerete ya tswang Sebaime, le tsa Ami.

58. Basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, e ne e le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi.

59. Bana bohle ke bona ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba hloka bopaki ba hore malapa abo bona le ditloholo tsa bona ke Baiseraele.

60. Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda, e ne e le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano a metso e mmedi.

61. Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a ba sa ipitsa ka lebitso la mohwe wa hae.

62. Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona, hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.

63. Mmusi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.

64. Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng;

65. ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona a dikete tse supileng le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng. Hara bona ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi.

66. Palo ya dipere tsa bona e ne e le makgolo a supileng le mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimmeile tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano;

67. dikamele di le makgolo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, ditonki di le dikete tse tsheletseng le makgolo a supileng le mashome a mabedi.

68. E ile yare ha batho bana ba fihla Tempeleng ya Morena e Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa malapa abo bona ba etsetsa Tempele ya Modimo dinyehelo tsa boithaopo, hore ba boele ba e hahe setsheng sa yona sa pele.

69. Bakeng sa mosebetsi ona ba fana kamoo ba ka kgonang kateng, ba nea ramatlotlo kgauta e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mahlano, le silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse pedi le makgolo a robedi. Ba fana ka diaparo tsa boprista tse lekgolo.

70. Baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, ba boela ba aha metseng ya bona, mme Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.

Esera 2