Esera 10:8-15 BIBELE (SSO89SO)

8. Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe.

9. Yaba banna bohle ba Juda le ba Benjamine, ba phuthehela Jerusalema matsatsi a mararo a eso fete. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya borobong, setjhaba sohle sa dula lebaleng le kapele ho Tempele ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba ena, se bile se qhaqhasela ka baka la pula ya ditlwebelele.

10. Moprista Esera a ema, a re ho sona: “Le sitilwe ka ho nyala basadi ba baditjhaba, mme le ekeditse dibe tsa Baiseraele.

11. Ka baka leo, inyatseng kapele ho Morena Modimo wa bontata lona, le phethe thato ya hae, le ikgetholle ho setjhaba sa naha ena, le arohane le basadi bana ba baditjhaba.”

12. Setjhaba sohle sa araba ka mantswe a phahameng, sa re: “Ho lokile! Re tla etsa jwalokaha o boletse!

13. Empa setjhaba sena se sengata haholo, le pula ke ya ditlwebelele, mme re sitwa ho ema kantle. Le mosebetsi ona hase wa letsatsi le le leng, kapa a mabedi feela, hobane tabeng ena re sitilwe haholo.

14. Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.”

15. Ke bo-Jonathane feela, mora wa Asaele, le Jahasiya, mora wa Tikefa, ba neng ba hanyetsa taba ena, mme ba tlatsitswe ke Meshulame le Shabetai wa Molevi.

Esera 10