Esera 10:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. Ka baka leo, a re etseng selekane le Modimo wa rona, re kgutlise basadi bana bohle, le bana ba bona, ho ya ka keletso ya monga ka, le ya bohle ba hlomphang melao ya Modimo wa rona, mme hona ho etswe ka molao.

4. Ema ka maoto, hobane tabeng ena boikarabelo ke ba hao, mme re tla o thusa. Tsoha molota, o etse jwalo.”

5. Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya.

6. Esera a tloha kapele ho Tempele ya Modimo, a kena ka kamoreng ya Johanane, mora wa Eleashibe. Ha a se a kene, ha a a ka a ja bohobe kapa a nwa metsi, hobane o ne a ntse a lla ka baka la ditshito tsa ba neng ba thopilwe.

7. Naheng yohle ya Juda le Jerusalema, ba phatlalletsa ba neng ba thopilwe hore ba phuthehele Jerusalema.

8. Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe.

9. Yaba banna bohle ba Juda le ba Benjamine, ba phuthehela Jerusalema matsatsi a mararo a eso fete. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya borobong, setjhaba sohle sa dula lebaleng le kapele ho Tempele ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba ena, se bile se qhaqhasela ka baka la pula ya ditlwebelele.

10. Moprista Esera a ema, a re ho sona: “Le sitilwe ka ho nyala basadi ba baditjhaba, mme le ekeditse dibe tsa Baiseraele.

11. Ka baka leo, inyatseng kapele ho Morena Modimo wa bontata lona, le phethe thato ya hae, le ikgetholle ho setjhaba sa naha ena, le arohane le basadi bana ba baditjhaba.”

12. Setjhaba sohle sa araba ka mantswe a phahameng, sa re: “Ho lokile! Re tla etsa jwalokaha o boletse!

13. Empa setjhaba sena se sengata haholo, le pula ke ya ditlwebelele, mme re sitwa ho ema kantle. Le mosebetsi ona hase wa letsatsi le le leng, kapa a mabedi feela, hobane tabeng ena re sitilwe haholo.

Esera 10