18. Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya.
19. Ba hlapanya hore ba tla leleka basadi ba bona. Ka baka la molato wa bona ba nyehela ka pheleu e tswang mohlapeng wa bona, ba nyehela ka baka la sebe sa bona.
20. Hara bara ba Imere e ne e le Hanani, le Sebadiya.
21. Hara bara ba Harime e ne e le Maasiya, le Elia, le Shemaya, le Jehiele, le Usiya.