17. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba qeta ho hlahloba taba ya banna ba nyetseng basadi ba baditjhaba.
18. Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya.
19. Ba hlapanya hore ba tla leleka basadi ba bona. Ka baka la molato wa bona ba nyehela ka pheleu e tswang mohlapeng wa bona, ba nyehela ka baka la sebe sa bona.
20. Hara bara ba Imere e ne e le Hanani, le Sebadiya.
21. Hara bara ba Harime e ne e le Maasiya, le Elia, le Shemaya, le Jehiele, le Usiya.
22. Hara bara ba Phashahure e ne e le Eleunai, le Maasiya, le Ishemaele, le Netanele, le Josabada, le Elasa.
23. Hara Balevi e ne e le Josabada, le Shimei, le Kelaya ya neng a bitswa Keleta, le Petahiya, le Juda le Eleesere.
24. Hara dibini e ne e le Elashibe, mme hara balebedi ba monyako e le Shalome, le Teleme, le Uri.
25. Hara Baiseraele, ho bara ba Paroshe e ne e le Rameya, le Jisiya, le Malakiya, le Miamine, le Eleasare, le Malakiya, le Benaya.
26. Hara bara ba Elame e ne e le Mataneya, le Sekariya, le Jehiele, le Abade, le Jeremote, le Elia.
27. Hara bara ba Satu e ne e le Eleunai, le Elashibe, le Mataneya, le Jeremote, le Sabada, le Asisa.
28. Hara bara ba Bebai e ne e le Jehohanane, le Hananiya, le Sabai, le Atalai.