Esera 10:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Setjhaba sohle sa araba ka mantswe a phahameng, sa re: “Ho lokile! Re tla etsa jwalokaha o boletse!

13. Empa setjhaba sena se sengata haholo, le pula ke ya ditlwebelele, mme re sitwa ho ema kantle. Le mosebetsi ona hase wa letsatsi le le leng, kapa a mabedi feela, hobane tabeng ena re sitilwe haholo.

14. Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.”

15. Ke bo-Jonathane feela, mora wa Asaele, le Jahasiya, mora wa Tikefa, ba neng ba hanyetsa taba ena, mme ba tlatsitswe ke Meshulame le Shabetai wa Molevi.

16. Ba neng ba thopilwe ba etsa jwalo. Yaba moprista Esera o kgetha banna bao e neng e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, lelapeng ka leng a kgetha monna a le mong, mme bana bohle ba qollwa ka mabitso. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome, ba kopana ho hlahloba taba ena.

17. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba qeta ho hlahloba taba ya banna ba nyetseng basadi ba baditjhaba.

18. Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya.

Esera 10