1. Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:
2. “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: <Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.
3. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.
4. Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema.> ”