1. Lentswe le matla la howa ka ditsebeng tsa ka, la re: “Lona balebedi ba motse, tloong kwano! Monna ka mong a tle a nkile dihlomo tsa hae!”
2. Ka bona banna ba tsheletseng ba etla ka tsela e lebang monyakong o kahodimo, o tadimileng leboya, monna ka mong a tshwere sebetsa se bolayang. E mong wa bona o ne a apere seaparo se entsweng ka lene, qholong ho yena ho leketla lenakana le tshetseng enke. Banna bana ba fihla ba ema pela aletare ya lethose.
3. Yaba tlotla ya Modimo wa Iseraele, e neng e le moo dikerubime di neng di le hona teng, e nyolohela hodimo, e ya monyakong wa Tempele. Morena a bitsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke.