Esekiele 8:11-17 BIBELE (SSO89SO)

11. Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.

12. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae?“Ba re: <Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!> ”

13. Morena a boela a re ho nna: “Hetla hape, mme o tla bona manyala a mabe ka ho fetisisa, ao ba a etsang.”

14. Yaba Morena o ntlisa monyakong wa Tempele ya hae, o neng o tadimile nqa leboya, mme ka bona basadi ba llelang modingwana Tammusi ba dutse hona teng.

15. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na see o a se bona? Hetla hapehape, mme o tla bona manyala a fetisisang ana ka bobe.”

16. Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.

17. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na seo o a se bona? Ebe ke ntho e se nang taba ha ba ntlo ya Juda ba etsa manyala aa, ao ba a etsang moo? Naha ena ba e tlatsitse meferefere, ba ba ba mphephetsa hore ke be ke halefe, ba nnyedisa ka diketso tsa bona.

Esekiele 8