Esekiele 8:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla.

2. Ha ke tadima ka bona ntho e kang motho. Ho tloha thekeng ho ya tlase o ne a ka mollo. Ho tloha thekeng ho ya hodimo o ne a kganya jwaloka lethose le hlakodisitsweng.

3. A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa!

4. Tlotla ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona moo, e tshwana le pono eo ke neng ke e bone phuleng.

5. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, phahamisa mahlo a hao, o tadime nqa leboya.” Yaba ke phahamisa mahlo a ka, ke tadima nqa leboya, mme monyakong o kenang ka kgoro e ka leboya ka bona modingwana ona o bakang lefufa o eme teng.

6. Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”

7. Yaba o ntlisa monyakong wa seotlwana, mme yare ha ke tadima ka bona ho ena le lesoba leboteng.

8. A re ho nna: “Wena ngwana motho, phunya leboteng mona.” Ka le phunya, mme moo ka bona monyako.

9. A re ho nna: “Kena, o bone manyala a mabe ao ba a etsang mona.”

10. Yaba ke a kena, mme hohle leboteng ka bona ho entswe ditshwantsho tsa mefuta yohle ya dihahabi, le tsa dibatana tse nyonyehang, le tsa medingwana yohle ya ba ntlo ya Iseraele.

11. Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.

Esekiele 8