20. Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila.
21. Tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona e be lelobelo, le ho ba kgopo ba lefatshe lena e le kgapo ya bona, mme batho bana ba tla di silafatsa.
22. Ke tla ba furalla, mme ba tla silafatsa Tempele ya ka. Mashodu a tla kena ka ho yona, a e silafatse.
23. “Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere.
24. Ke tla tlisa bahedene ba tala, mme bona ba hape matlo a Baiseraele. Ke tla fedisa boikgohomoso ba dinatla tsa Baiseraele, dibaka tsa bona tse halalelang di silafatswe.
25. Mahlomola a a tla. Ba tla batla kgotso, empa ha e na ho ba teng.
26. Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo.