2. “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena ho naha ya Iseraele: Pheletso e fihlile! Pheletso e fihletse diqola tse nne tsa naha.
3. Pheletso e o wetse hodimo, mme ke tla o halefela haholo. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.
4. Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko, empa ke tla o putsa ho latela boitshwaro ba hao, le mesebetsi e nyonyehang e hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.
5. “Morena Modimo o bua tjena: Koduwa! Koduwa eo ho seng e tshwanang le yona e a tla.
6. Pheletso e fihlile; pheletso e fihlile, e le lebeletse; bonang, e fihlile.
7. Letsatsi le o tjhabetse, wena ya ahileng naheng. Nako e fihlile, letsatsi la tsietsi le haufi, ha ho thabo e tla utlwahala dithabeng, haese mehoo ya tshabo feela.
8. “Haufinyane ke tla hlatsetsa bohale ba ka hodima hao, ke phethahatse kgalefo ya ka ho wena. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.
9. Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko. Ke tla o putsa ho ya ka boitshwaro ba hao le ka mesebetsi ya hao e manyala hara lona. Jwale le tla tseba hore ke nna Morena ya otlang.
10. “Bonang letsatsi, bonang letsatsi le fihlile, mafube a se a diketse, lekala le fupuditse, boikgohomoso bo entse dithunthung.
11. Meferefere e fetohile thupa e otlang bokgopo; ha ho le ya mong wa bona le wa sehlopha sa bona ya tla phonyoha; ha ho maruo a tla sala leha e le ntho ya bohlokwa.
12. Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.
13. “Morekisi a ke ke a boela a lata seo a se rekisitseng, leha bobedi ba bona ba ntse ba phela, hobane setjhaba sohle se tla welwa ke kgalefo e ke keng ya hlola e sa kgutla. Ka baka la dibe tsa bona ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha.