Esekiele 5:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Empa ka baka la bokgopo ba yona e fetohetse melao ya ka le ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsohle le dinaha tsohle tse e potapotileng. Jerusalema e lahlile melao ya ka, ha e a latela ditaelo tsa ka.”

7. Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Wena Jerusalema, o mphetohetse ho feta ditjhaba tse o potapotileng, ha o a tsamaya ka melao ya ka, ha o a boloka ditaelo tsa ka, ha o a ya le ka melao ya ditjhaba tse o potapotileng.”

8. Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Bona, Jerusalema, le nna ke a o lwantsha, mme ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao moo ditjhaba tsena di ntseng di bona.

9. Ka lebaka la manyala ana a hao, ke tla o etsa seo ke esong ho se etse, seo nke keng ka hlola ke se etsa.

10. Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.

11. “Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko.

12. Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole.

13. “Bohale ba ka bo tla fela, mme kgalefo eo ke neng ke ba halefetse ka yona e kokobele, hobane ke tla be ke ipheteditse. Ha ke phethahaditse kgalefo ya ka hodima bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ya buileng ka tjheseho.

14. “Ke tla o etsa lesupi, o fetohe sekgobo ho ditjhaba tse o potapotileng, le mahlong a bohle ba fetang ka tsela.

15. Mohla ke phethahatsang kahlolo ya ka hodima hao ka bohale, ke o kgalemela, ke halefile, o tla fetoha sekgobo, o nyedisehe; o be thuto le sesomo ho ditjhaba tsohle tse o potapotileng. Nna Morena ke buile.

Esekiele 5