29. “Naha ena ke yona eo le tla e arolela merabe ya Iseraele, hore e be lefa la yona, mme tsena e tla ba tsona dibaka tsa merabe eo,” ho rialo Morena.
30. “Tsena e tla ba dikgoro tse tswang ka motseng, lerakong le ka leboya, le bolelele ba dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano.
31. Dikgoro tsena di tla reellwa merabe ya Iseraele. Tse tharo, tse ka leboya, di tla bitswa Kgoro ya Rubene, le Kgoro ya Juda, le Kgoro ya Levi.
32. “Lerakong le ka botjhabela, le bolelele ba dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, ho tla ba le dikgoro tse tharo: Kgoro ya Josefa, le Kgoro ya Benjamine, le Kgoro ya Dane.
33. “Lerakong le ka borwa, le bolelele ba dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, ho tla ba le dikgoro tse tharo: Kgoro ya Simeone, le Kgoro ya Isakare, le Kgoro ya Sebulone.