Esekiele 48:22-29 BIBELE (SSO89SO)

22. Karolo ya naha e abetsweng Balevi le e abetsweng motse e tla ba bohareng ba karolo ya naha ya kgosana. Karolo ya kgosana e tla ba pakeng tsa moedi wa Juda le moedi wa Benjamine.

23. “Merabeng e meng e setseng, Benjamine o tla ba le karolo e le nngwe ya naha, ho tloha botjhabela ho ya bophirimela.

24. “Naha ya Benjamine e tla sehelana moedi le ya Simeone.

25. Naha ya Simeone e sehelane moedi le naha ya Isakare.

26. Naha ya Isakare e sehelane moedi le ya Sebulone.

27. Naha ya Sebulone e sehelane moedi le ya Gade.

28. “Moedi o ka borwa wa naha ya Gade o tla leba borwa ho tloha Tamare, ho ya fihla sedibeng sa Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, ho ya fihla Lewatleng le Leholo.

29. “Naha ena ke yona eo le tla e arolela merabe ya Iseraele, hore e be lefa la yona, mme tsena e tla ba tsona dibaka tsa merabe eo,” ho rialo Morena.

Esekiele 48