Esekiele 48:11-21 BIBELE (SSO89SO)

11. Sebaka sena e tla ba sa baprista ba tlotsitsweng, bao e leng ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba boloka taelo ya ka, ba sa kang ba kgeloha ha bana ba Iseraele ba kgeloha, jwalokaha Balevi ba ile ba kgeloha.

12. Naha ena eo ba tla e newa, ho bona e tla ba mpho e halalelang haholo, mme e tla sehelana moedi le naha ya Balevi.

13. “Balevi le bona ba tla ba le naha e ikgohlileng ka ya baprista. Bolelele ba yona e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi, bophara e be dikilomethara tse hlano.

14. Naha ena ke e ntlehadi, mme ha ba a lokela ho e rekisa, kapa ho e ananya, kapa ho e nea motho e mong, hobane ke naha e halalelang ya Morena.

15. “Karolo e setseng, e etsang bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, yona hase e halalelang, mme ke e tla sebediswa ke setjhaba ho haha metse, matlo a bodulo le ho etsa makgulo. Motse o tla ba bohareng ba karolo ena.

16. Ditekanyo tsa motse e tla ba tsena: Bolelele ba wona bo tla lekana le bophara ba wona, e be dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano.

17. Makgulo a potapotileng motse a tla lekana ka bolelele le ka bophara, e be dimethara tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e mehlano.

18. Sebaka se setseng, se sehelanang moedi le karolo e halalelang, seo ka botjhabela se tla etsa dikilomethara tse hlano, le ka bophirimela se etse dikilomethara tse hlano, e tla ba masimo, mme tse kotulwang ho sona e be tsa baahi ba motse.

19. Basebeletsi ba motse e tla ba ba merabe yohle ya Iseraele.

20. “Ditekanyo tsa sebaka se bohareng ba karolo e kgethehileng di tla lekana, bolelele le bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho se ho balellwa le sebaka seo motse o hahilweng ho sona.

21. “Sebaka se setseng ka mahlakoreng a mabedi a karolo e kgethehileng, le se setseng kathoko ho setsha sa motse, se tla abelwa kgosana. Ho tloha sebakeng se kgethehileng, sebaka seo se tla namela moeding o ka botjhabela, se be se namele le moeding o ka bophirimela. Dibaka tsena tse pedi, tse ikgohlileng ka meedi ya naha e abetsweng merabe, e tla ba tsa kgosana, mme sebaka se kgethehileng, se nang le Tempele, se tla ba bohareng ba dibaka tsena tse ding.

Esekiele 48