Esekiele 47:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. Ha ke fihla lebopong moo, ka bona difate tse ngata, tse metseng mabopong a noka.

8. Yaba o re ho nna: “Metsi ana a phallela botjhabela, a theohele kgohlong ya Jorodane, a yo kena Lewatleng la Letswai. Hoba a kene lewatle, a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka.

9. “Hohle moo noka a phallelang teng ho tla phela dibopuwa ka mefuta yohle ya tsona. Ho tla ba le boiyane ba ditlhapi, hobane metsi ao a phallelang lewatle a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka. Kahoo hohle moo metsi a phallelang teng, dibopuwa tsohle di tla phela.

10. Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.

11. Empa metsi a mekgwabo le a mehlaka a ke ke a hlapoloha, a tla nne a be letswai.

12. Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”

13. Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.

14. Le e arolelane ka ho lekana. Naha ena e tla ba lefa la lona, hobane ke ne ke hlapanyetse baholoholo ba lona hore ke tla ba nea yona.

15. “Meedi ya naha e tla ba tjena: Ka leboya moedi o tla tloha Lewatleng le Leholo, o ikgohle ka tsela e yang Hetelone, o fete le lekgalong la Hamate, o yo fihla Sedade;

Esekiele 47