Esekiele 47:21-23 BIBELE (SSO89SO)

21. “Le tla arolelana naha ena jwalo, ho ya ka merabe ya Iseraele.

22. Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.

23. Le abele moditjhaba lefa morabeng ofe kapa ofe oo a ahileng hara wona,” ho rialo Morena Modimo.

Esekiele 47