Esekiele 47:16-22 BIBELE (SSO89SO)

16. o tlohe Berota le Siberaime, pakeng tsa Damaseka le Hamate, o yo fihla Hasere-Hatekone, e moeding wa Haurane.

17. Kahoo moedi o tla tloha lewatle o yo fihla Hasere-Enane, moeding o ka leboya ho Damaseka le Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka leboya.

18. “Ka botjhabela moedi o tla tloha pakeng tsa Haurane le Damaseka, o ikgohle ka Jorodane, pakeng tsa Gileade le naha ya Iseraele, o yo fihla lewatleng le ka botjhabela, o fihle le Tamare. Ona e tla ba wona moedi o ka botjhabela.

19. “Ka borwa moedi o tla tloha Tamare o yo fihla metsing a Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, o yo fihla Lewatleng le Leholo. Ona e tla ba wona moedi o ka borwa.

20. “Ka bophirimela Lewatle le Leholo e tla ba lona moedi ho ya fihla lekgalong la Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka bophirimela.

21. “Le tla arolelana naha ena jwalo, ho ya ka merabe ya Iseraele.

22. Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.

Esekiele 47