18. Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang.> ”
19. Jwale monna eo a nntsha ka monyako o lehlakoreng la kgoro, a nkisa dikamoreng tse halalelang, tse tadimileng leboya, e leng tsa baprista, mme a mpontsha sebaka se ka bophirimela.
20. Yaba o re ho nna: “Sebaka sena ke seo ho sona baprista ba tla phehela nyehelo ya tefelo ya sebe, le nyehelo e tlosang molato. Ke moo ba tla phehela le nyehelo ya dijo teng, e le hore ba se ke ba di ntshetsa lebaleng le kantle, esere ba halaletsa setjhaba.”
21. A nkisa lebaleng le kantle, a mpotisa le dihuku tse nne tsa lona, mme hukung e nngwe le e nngwe ka bona lebala.