16. “ <Morena Modimo o bua tjena: Ha kgosana e efa e mong wa bara ba yona mpho e tswang lefeng la yona, mpho eo e tla ba lefa la mora eo wa yona le la ditloholo tsa hae.
17. Empa haeba kgosana e efa e mong wa bahlanka ba yona mpho e tswang lefeng la yona, mpho eo e tla ba ya mohlanka eo ho fihlela mohla selemo sa tokoloho. Kamorao ho moo mpho eo e tla kgutlela ho kgosana, hobane lefa la yona le jewa ke bara ba yona feela.
18. Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang.> ”
19. Jwale monna eo a nntsha ka monyako o lehlakoreng la kgoro, a nkisa dikamoreng tse halalelang, tse tadimileng leboya, e leng tsa baprista, mme a mpontsha sebaka se ka bophirimela.