Esekiele 42:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Kapele ho dikamore ho ne ho ena le tsela e phunyeletsang, bophara ba yona e le dimethara tse hlano, bolelele e le dimethara tse mashome a mahlano. Menyako ya dikamore tsena e ne e le ka leboya.

5. Dikamore tse kahodimo di ne di qotetsane ho feta tse sollorong e hare le e katlase ho mohaho, hobane mehohoma e ne e jele sebaka se sengata.

6. Dikamore tsa disolloro tsena tse tharo di ne di se na ditshiya tse kang tsa lebala le kantle. Kahoo dikamore tse kahodimodimo di ne di sesefetse ho feta tse sollorong e katlase le e mahareng.

7. Kantle ho ne ho ena le lerako le bapileng le dikamore le lebala le kantle; bolelele ba lona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

8. Bolelele ba dikamore tsa lebala le kantle e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, athe bolelele ba tse tobaneng le Tempele bona e ne e le dimethara tse mashome a mahlano.

9. Katlasa dikamore tsena ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona ha a etswa lebaleng le kantle.

10. Ka borwa, ho sika le lerako la lebala le kantle, e leng le kapele ho Tempele, ho ne ho ena le dikamore

11. tse nang le tsela e fetang kapele ho tsona. Dikamore tsena di ne di tshwana le tse ka leboya ka bolelele le ka bophara, le ka menyako e tswelang kantle, le ka ditekanyo. Katlasa dikamore tse ka borwa,

12. ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona. Qalong ya tsela ena e sikileng le lerako, ho leba nqa botjhabela, ho ne ho ena le monyako oo motho a kenang dikamoreng ka wona.

Esekiele 42