Esekiele 42:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya.

2. Bolelele ba mohaho oo monyako wa wona o shebileng leboya, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano, bophara bona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

3. Kapele ho lebala le kantle, le etsang bophara ba dimethara tse leshome, le kapele ho tsela e katilweng ya lebala le kantle, ho ne ho ena le mehohoma e disollorong tse tharo.

4. Kapele ho dikamore ho ne ho ena le tsela e phunyeletsang, bophara ba yona e le dimethara tse hlano, bolelele e le dimethara tse mashome a mahlano. Menyako ya dikamore tsena e ne e le ka leboya.

5. Dikamore tse kahodimo di ne di qotetsane ho feta tse sollorong e hare le e katlase ho mohaho, hobane mehohoma e ne e jele sebaka se sengata.

6. Dikamore tsa disolloro tsena tse tharo di ne di se na ditshiya tse kang tsa lebala le kantle. Kahoo dikamore tse kahodimodimo di ne di sesefetse ho feta tse sollorong e katlase le e mahareng.

7. Kantle ho ne ho ena le lerako le bapileng le dikamore le lebala le kantle; bolelele ba lona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

8. Bolelele ba dikamore tsa lebala le kantle e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, athe bolelele ba tse tobaneng le Tempele bona e ne e le dimethara tse mashome a mahlano.

Esekiele 42