Esekiele 40:43-46 BIBELE (SSO89SO)

43. Nama ya diphoofolo tsa nyehelo e ne e beilwe hodima ditafole, mme ho potapota ditafole tseo ho ne ho entswe mehaolwana e bophara ba dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano.

44. Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya.

45. Yaba monna eo o re ho nna: “Kamore e shebileng borwa ke ya baprista ba sebeletsang ka Tempeleng,

46. athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.”

Esekiele 40