Esekiele 40:42 BIBELE (SSO89SO)

Ho ne ho ena le ditafole tse nne tse hahilweng ka majwe a betlilweng, e le tseo ho lokisetswang nyehelo ya setjheso hodima tsona. Bolelele ba e nngwe le e nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophara le bona e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophahamo bona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. Hodima ditafole tsena ho ne ho beilwe tsohle tse sebediswang ha ho hlajwa diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a mang.

Esekiele 40

Esekiele 40:38-48