Esekiele 40:32-36 BIBELE (SSO89SO)

32. Monna eo a nto nkisa lebaleng le kahare, le ka nqa botjhabela, mme a metha kgoro. E ne e ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding.

33. Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a yona a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

34. Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi.

35. Jwale monna enwa a nkisa kgorong e ka leboya, mme a e metha. E ne e ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding.

36. Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, le difesetere tse e potapotileng, tsena le tsona di ne di lekana le tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

Esekiele 40