2. Modimo a nkisa naheng ya Iseraele ka pono, a mpea hodima thaba e telelehadi, eo ka borwa ho yona ho neng ho ena le ho kang mehaho ya motse.
3. A nkatametsa pela motse, mme ka bona monna eo sebopeho sa hae e neng e ka se bopilwe ka lethose. O ne a eme kgorong, ka letsohong la hae a tshwere kgwele ya lene, le leqala le methang.
4. Monna eo a re ho nna: “Wena ngwana motho, tadimisisa, o mamedisise, o ele hloko tsohle tseo ke tla o bontsha tsona, hobane o tlisitswe kwano hore ke tle ke o bontshe tsona. O tle o bolelle Baiseraele tsohle tseo o di bonang.”
5. Yaba ke bona lerako le potapotileng Tempele. Bolelele ba leqala le methang, leo monna eo a neng a le tshwere, bo ne bo etsa dimethara tse tharo. A metha lerako lena: Morumo wa lona o ne o etsa dimethara tse tharo, le bophahamo ba lona bo etsa dimethara tse tharo.
6. Jwale monna eo a ya kgorong e shebileng botjhabela. A nyoloha ka mehato ya yona, a metha monyako wa yona: Bophara ba wona bo ne bo etsa dimethara tse tharo.
7. Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara.
8. Yaba monna eo o metha lethule la kgoro:
9. Le ne le etsa dimethara tse nne ka bolelele, dikosene tsa lona di etsa methara e le nngwe ka morumo. Lethule la kgoro le ne le shebane le Tempele.
10. Kahare ho kgoro e ka botjhabela ho ne ho ena le dikamore tse tharo tsa balebedi ka lehlakoreng le leng le le leng: Boraro ba tsona di ne di lekana, difahleho tsa marako a di arolang ka lehlakoreng le leng le le leng le tsona di lekana.
11. Monna eo a nto metha bophara ba monyako wa kgoro: Bophara bo ne bo etsa dimethara tse hlano, bolelele bona e le dimethara tse tsheletseng le halofo.
12. Kapele ho kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi ho ne ho ena le lerako le etsang halofo ya methara ka bophahamo; bolelele le bophara ba dikamore tsena bo ne bo lekana, e le dimethara tse tharo.
13. Yaba o metha kgoro ho tloha hodimo, ke ho re motsheo ho kamore e le nngwe ya balebedi ho ya hodimo motsheo ho e shebaneng le yona: Bolelele e ne e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.
14. A metha difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi kahare ho kgoro: Ya eba dimethara tse mashome a mararo. Ho ne ho methwa ho ya fihla lethuleng le kapele ho lebala.
15. Bolelele ba ho tloha monyako wa kgoro ho ya fihla motsheo ho lethule la yona, e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.
16. Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.
17. Jwale monna eo a nkisa lebaleng le kantle. Teng ka bona dikamore tse ding, le tsela e katilweng ho potoloha lebala lena. Dikamore tse mashome a mararo di ne di sika le tsela ena e katilweng.
18. Tsela ena e ne e sika le mahlakore a kgoro, mme bophara ba yona bo ne bo lekana le bolelele ba wona. E ne e le tsela e katilweng, e katlase.