Esekiele 40:15-29 BIBELE (SSO89SO)

15. Bolelele ba ho tloha monyako wa kgoro ho ya fihla motsheo ho lethule la yona, e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

16. Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.

17. Jwale monna eo a nkisa lebaleng le kantle. Teng ka bona dikamore tse ding, le tsela e katilweng ho potoloha lebala lena. Dikamore tse mashome a mararo di ne di sika le tsela ena e katilweng.

18. Tsela ena e ne e sika le mahlakore a kgoro, mme bophara ba yona bo ne bo lekana le bolelele ba wona. E ne e le tsela e katilweng, e katlase.

19. Yaba o metha bophara ho tloha kahare ho kgoro e katlase ho ya kantle ho lebala le kahare: Bolelele e ne e le dimethara tse mashome a mahlano ka lehlakoreng le ka botjhabela le ka ho le ka leboya.

20. Jwale monna eo a metha bolelele le bophara ba kgoro e ka leboya, e tswelang lebaleng le kantle.

21. Dikamore tse tharo tsa balebedi, tse ka lehlakoreng le leng le le leng la tsela, le marako a di arolang, le lethule, tsena di ne di lekana le tsa kgoro e ka botjhabela. Bolelele ba kgoro ena e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

22. Difesetere tsa yona, le lethule la yona, le mekgabiso ya yona ya ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le ditekanyo tsa kgoro e ka botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng e malebana le lethule la yona.

23. Kgoro e kenang ka lebaleng le kahare e ne e le ka leboya, jwalokaha e nngwe e ne e le ka botjhabela. Monna enwa a metha ho tloha kgorong e nngwe ho isa ho e shebaneng le yona: Bolelele ya eba dimethara tse mashome a mahlano.

24. Yaba monna eo o nkisa lehlakoreng le ka borwa, mme ka bona kgoro e shebileng borwa. A metha dikosene tsa monyako wa yona le lethule la yona: Di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding.

25. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha, jwaloka difesetere tsa dikgoro tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara ba yona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

26. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng, mme lethule la yona le ne le tobane le mehato ena. Ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa yona tsa balebedi, ka lehlakoreng le leng le le leng.

27. Lebala le kahare le lona le ne le ena le kgoro e shebileng borwa. Monna eo a metha ho tloha kgorong ena ho ya fihla kgorong e kantle, e ka lehlakoreng le ka borwa: E ne e le dimethara tse mashome a mahlano.

28. Monna eo a nkisa lebaleng le kahare, a nkenya ka kgoro e ka borwa. A metha kgoro e ka borwa, mme ditekanyo tsa yona tsa lekana le tsa dikgoro tse ding.

29. Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

Esekiele 40