Esekiele 4:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. “Wena ngwana motho, nka letlapa o le bee kapele ho wena, o etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima lona.

2. Motse ona o o etsetse thibella, o hahe marako ho o potapota, o hahe ditora, o hlome diahelo tsa ntwa, mme o bee ditshetlo.

3. O nke lekgwakgwa la tshepe, o le hlome pakeng tsa hao le motse, o shebe ka ho lona. Etlaba o o etseditse thibella, ebe wena o o thibeletse. Hona e tla ba pontsho ho ba ntlo ya Iseraele.

4. “O paqame ka lehlakore la letsoho le letshehadi, mme nna ke tla o jarisa bokgopo ba ntlo ya Iseraele. O tla jara bokgopo boo ba bona ho ya ka palo ya matsatsi ao o tla paqama fatshe ka wona.

5. O tla jara makgopo ana a bona ka matsatsi a makgolo a mararo le mashome a robong, e leng a lekanang le palo ya dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona. Ka mokgwa o jwalo o tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele.

Esekiele 4