Esekiele 36:31-38 BIBELE (SSO89SO)

31. Kahoo le tla hopola metsamao ya lona e mebe le diketso tsa lona tse kgopo, mme le inyonye ka baka la makgopo a lona le manyala a lona.

32. Le ke le tsebe hore hase ka baka la lona ke etsang sena, ho rialo Morena Modimo. Lona ba ntlo ya Iseraele, hlajwang ke dihlong, le swabele boitshwaro ba lona!

33. “Morena Modimo a bua tjena: Mohla ke seng ke le hlwekisitse makgopong wohle a lona, ke tla boela ke le ahisa metseng ya lona, le dithako di tsoswe.

34. Naha e fetohileng nanaola e tla lengwa hape, e se ke ya dula e le thite mahlong a bohle ba fetang ka tsela.

35. Ba tla re: <Naha ena e neng e le nanaola, e se e tshwana le tshimo ya Edene; metse e neng e setse e le dithako, e senyehile, e le masupi, jwale e haheleditswe, e na le baahi.>

36. Kahoo baditjhaba ba setseng ba le potapotile ba tla tseba hore ke nna Morena, ya tsositseng masupi, a lema masimo a neng a se a letse. Nna Morena, ke buile jwalo mme ke tla phethahatsa.

37. “Morena Modimo o bua tjena: Seo ke tla boela ke dumela ba ntlo ya Iseraele ho nkopa sona, mme ke ba etsetse sona, ke sena: Ke tla ba atisetsa thari, ba be jwaloka mohlape wa dinku,

38. ba ngatafale jwaloka mehlape ya dinku eo ho nyehelwang ka yona Jerusalema, mohla mekete e halalelang. Ka mokgwa o jwalo metse e fetohileng masupi e tla tlala matshweletshwele a batho, mme ba tsebe hore ke nna Morena.”

Esekiele 36