17. “Wena ngwana motho, ha setjhaba sa Iseraele se ne se sa phela naheng ya habo sona, se ile sa e silafatsa ka boitshwaro ba sona le ka diketso tsa sona. Ho nna boitshwaro ba sona bo ne bo ka sesila sa mosadi ya nang le lehatlelo.
18. Kahoo ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima sona ka baka la madi ao se ileng sa a tsholla kahara naha, le ka baka la medingwana ya sona, eo se silafaditseng naha ka yona.
19. Ke ile ka se qhalanyetsa hara baditjhaba, mme sa qhalanngwa hara dinaha; ka se ahlolela boitshwaro ba sona, le diketso tsa sona.
20. Hohle moo se ileng sa ya teng hara baditjhaba, se ile sa silafatsa lebitso la ka le halalelang, hobane ho ile ha buuwa ka sona, ha thwe: <Sena ke setjhaba sa Morena, empa se ile sa tlameha ho tswa naheng ya hae.>
21. Empa ke ile ka boulela lebitso la ka le halalelang, leo ba ntlo ya Iseraele ba ileng ba le silafatsa hara ditjhaba tseo ba neng ba ile ho tsona.
22. “Ka baka leo, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Modimo o bua tjena: Hase ka baka la lona, lona ba ntlo ya Iseraele, ke etsang sena, empa ke ka baka la lebitso la ka le halalelang, leo le le silafaditseng hara ditjhaba tseo le ileng ho tsona.
23. Ke tla bonahatsa kgalalelo ya lebitso la ka le leholo, leo le le silafaditseng hara ditjhaba, lebitso leo le le silafaditseng hara tsona. Ha ke se ke bonahaditse kgalalelo ya ka ka lona, moo baditjhaba ba ntseng ba bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ho rialo Morena Modimo.
24. “Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tsohle, ke le kgutlisetse naheng ya habo lona.
25. Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.
26. Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.
27. Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.
28. Le tla aha naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata lona. Le tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa lona.
29. Ke tla le lopolla ho tsohle tse le silafatsang, ke le tlisetse tjhai ya koro, le se ke la hlola le bolawa ke sekoboto.
30. Ke tla etsa hore difate tsa lona di behe haholo, masimong le tjhaye dijo tse ngata, e le hore le se hlole le jara sekgobo sa sekoboto hara baditjhaba.