Esekiele 36:10-20 BIBELE (SSO89SO)

10. Ke tla ngatafatsa setjhaba sa lona, ke ngatafatse le ntlo yohle ya Iseraele. Metse e tla boela e eba le baahi, le dithako di tsoswe.

11. Ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo tsa bona, mme ba tla tswala bana, ba ate. Le tla boela le haha ditsheng tsa lona tsa kgale, mme le atlehe ho feta pele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.

12. Ke tla etsa hore setjhaba sa ka sa Iseraele se boele se tsamaye ditseleng tsa lona. Se tla le hapa, le be lefa la sona; le ke ke la hlola le se bolaela bana.

13. “ <Morena Modimo o bua tjena: Batho ba re ho wena: “O sejabatho, mme jele bana ba setjhaba sa hao;”

14. ka baka leo, o ke ke wa hlola o eja batho, leha e le ho ja bana ba setjhaba sa hao, ho rialo Morena Modimo.

15. Ha nka ke ka hlola ke etsa hore o utlwe baditjhaba ba o soma, kapa ditjhaba di o nyefola, kapa ka etsa hore setjhaba sa heno se we, ho rialo Morena Modimo.> ”

16. Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:

17. “Wena ngwana motho, ha setjhaba sa Iseraele se ne se sa phela naheng ya habo sona, se ile sa e silafatsa ka boitshwaro ba sona le ka diketso tsa sona. Ho nna boitshwaro ba sona bo ne bo ka sesila sa mosadi ya nang le lehatlelo.

18. Kahoo ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima sona ka baka la madi ao se ileng sa a tsholla kahara naha, le ka baka la medingwana ya sona, eo se silafaditseng naha ka yona.

19. Ke ile ka se qhalanyetsa hara baditjhaba, mme sa qhalanngwa hara dinaha; ka se ahlolela boitshwaro ba sona, le diketso tsa sona.

20. Hohle moo se ileng sa ya teng hara baditjhaba, se ile sa silafatsa lebitso la ka le halalelang, hobane ho ile ha buuwa ka sona, ha thwe: <Sena ke setjhaba sa Morena, empa se ile sa tlameha ho tswa naheng ya hae.>

Esekiele 36