Esekiele 36:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. “Wena ngwana motho, porofetela dithaba tsa Iseraele, o re: <Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena.

2. Morena Modimo o bua tjena: Dira di ile tsa tsheha, tsa re: “Aha! Dihlaba tsa boholoholo re di hapile!” >

3. “Ka baka leo, porofeta, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Ba ile ba le ripitla, ba le hapa kahohle hore le tle le be lefa la masalla a baditjhaba, ba le bua hampe, ba le soma.

4. Jwale lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo: Morena Modimo o bua tjena ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, le ho dithako tseo e seng e le masupi, le ho metse e setseng e le feela, e ileng ya fetoha lelobelo le sesomo ho masalla a baditjhaba a le potapotileng.

5. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ka baka la poulelo ya ka e kgolo, ke buile ke halefetse ditjhaba tse ding le Edomo yohle, hobane ka monyaka le ka ho tella ho hoholo ba ikgapetse naha ya ka, e le hore ba tle ba inkele makgulo a yona.>

6. “Ka baka leo, porofetela naha ya Iseraele, mme o bue ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Ke bua ka kgalefo le ka lefufa, hobane le ile la nyefolwa ke baditjhaba.

7. Kahoo Morena Modimo a bua tjena: Ke a hlapanya, ke re ditjhaba tse le potapotileng le tsona di tla nyefolwa.

Esekiele 36