Esekiele 35:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. “ <Haesale o hloile bana ba Iseraele ho tloha kgale, wa tsholla madi a bona ka sabole ha ba le tsietsing, mohla o neng o ba ahlola la ho qetela.

6. Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o bolaya, ke tsholle madi a hao. Erekaha ha o a ka wa hloya tshollo ya madi, ke tla tsholla madi a hao.

7. Ke tla fetola Thaba ya Seire letswatlare, ke bolaye bohle ba tsamayang ho yona.

8. Wena Seire, dithaba tsa hao ke tla di kwahela ka ditopo; ba bolailweng ka sabole ba tla tlala maralleng, le dikgohlong, le dinokeng tsohle tsa hao.

9. Ke tla o fetola letswatlare ho isa kgale, metse ya hao e fetohe dithako. Kahoo o tla tseba hore ke nna Morena.

10. “ <O ile wa re: “Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di hapa,” le hoja nna Morena, ke ne ke ntse ke le teng.

11. Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o otlela kgalefo eo o neng o ba halefetse ka yona, le mohono oo o neng o ba honohela ka wona, le lehloyo leo o neng a ba hloile ka lona. Ha ke se ke o ahlotse ke tla itsebisa bona.

12. Le wena o tla tseba hore nna Morena, ke utlwile dinyefelo tsohle tseo o ileng wa nyefola dithaba tsa Iseraele ka tsona, wa re: “Di fetohile matswatlare; re di neilwe hore re di lobele.”

Esekiele 35