Esekiele 33:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo.>

7. “Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka.

8. Ha nna ke re ho ya kgopo: <Ruri o tla shwa,> eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena.

9. Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.

10. “Ka baka leo, wena ngwana motho, bua le ba ntlo ya Iseraele, o re: <Lona le re: “Ditlolo tsa rona le dibe tsa rona di a re imela, di a re ja. Re ka phela jwang?” >

11. Ere ho bona: <Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?>

12. “Ka baka leo, wena ngwana motho, ere ho setjhaba sa heno: <Ho loka ha ya lokileng ho ke ke ha mo pholosa ha a etsa sebe, le ya kgopo ha a furalla bokgopo ba hae a ke ke a wa. Ya lokileng ha a etsa sebe a ke ke a phela ka baka la ho loka hoo a ho entseng pele.>

Esekiele 33