Esekiele 33:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. Ha ke re ho ya lokileng ruri o tla phela, empa a itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bobe, ha ho le e nngwe ya dintho tse lokileng tseo a di entseng e tla hlola e sa hopolwa; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng.

14. Le teng ha ke re ho ya kgopo: <Ruri o tla shwa,> eba jwale o kgutla dibeng tsa hae, o etsa ho lokileng le ho nepahetseng,

15. o kgutlisa se neng se beilwe paneng, o kgutlisa le seo a neng a se utswitse, o boloka ditaelo tse phedisang, ha a sa hlola a etsa bokgopo, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.

16. Ha ho le se seng sa dibe tseo a ileng a di etsa pele se tla hlola se sa hopolwa. O entse ho lokileng, ho nepahetseng, mme ruri o tla phela.

17. “Empa setjhaba sa heno se re: <Tsela ya Morena ha e a loka,> athe ke tsela ya sona e sa lokang.

18. Ha ya lokileng a furalla ho loka ha hae, a etsa bokgopo, o tla shwa ka baka la bokgopo boo.

19. Empa ha ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ka ho etsa jwalo o tla phela.

20. Feela lona ba ntlo ya Iseraele le re: <Tsela ya Morena ha e a loka.> Ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka ditsela tsa hae.”

21. Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”

22. Ka la maobane, mantsiboya, motho eo a eso ka a fihla ho nna, matla a tswang ho Morena a ne a ile a ntsukutla. Hoseng, motho eo a eso ka a fihla ho nna, Morena a rarolla leleme la ka, ka tseba ho bua.

23. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

24. “Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re: <Aborahama o ne a le mong to! empa naha ena o ile a e fuwa. Rona re bangata, mme le rona naha ena re e filwe hore e be lefa la rona.>

25. Ka baka leo, ere ho sona: <Morena Modimo o bua tjena: Le ja nama e eso ka e fopha madi; le tshepile medingwana ya lona, le tsholla madi; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?

Esekiele 33