Esekiele 33:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, bua le setjhaba sa heno, o re ho sona: <Ha ke etsa hore naha e futuhelwe ka sabole, baahi ba naha eo ba ye ba kgethe e mong wa bona, ba mo etse molebedi.

3. Ha a bona naha e futuhelwa ka sabole, o ye a letse lenaka, a hlabele setjhaba mokgosi.

4. Mang le mang ya utlwang modumo wa lenaka, empa a sa tsotelle mokgosi oo, mme eba o bolawa ka sabole, e tla ba ke yena ya ipolaileng.

5. Ka ho se natse mokgosi o hlajwang ke lenaka, ke yena ya ipolaileng. Empa hojane a ela mokgosi oo hloko a ka be a ile a pholoha.

6. Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo.>

7. “Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka.

8. Ha nna ke re ho ya kgopo: <Ruri o tla shwa,> eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena.

9. Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.

10. “Ka baka leo, wena ngwana motho, bua le ba ntlo ya Iseraele, o re: <Lona le re: “Ditlolo tsa rona le dibe tsa rona di a re imela, di a re ja. Re ka phela jwang?” >

Esekiele 33