Esekiele 32:21-32 BIBELE (SSO89SO)

21. Dinatla tsa bahlabani ba Nqalong ya Bafu di tla bua ka Faro le ba thusanang le yena, di re: <Ba theohetse mona, mme ba rapaletse le maqai a bolailweng ka sabole.>

22. “Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole.

23. Mabitla a bona a dikgotjheletsaneng tsa mohohlo, a teetse lebitla la Asiria hare. Bohle ba bolailweng ka sabole, ke bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.

24. “Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong.

25. Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng.

26. “Mesheke le Tubale le tsona di teng, mmoho le mabotho wohle a tsona. Di teetswe hare ke mabitla a bahlabani ba tsona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole, le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.

27. Empa ha ba a epelwa le bahlabani ba maqai ba bolailweng, ba theohetseng Nqalong ya Bafu le dihlomo tsa bona tsa ntwa, ba ileng ba sama disabole tsa bona, ditopo tsa bona tsa kwahelwa ka dithebe tsa bona, le hoja ba ile ba tshosa dinatla tse phelang lefatsheng.

28. “Le wena Faro, o tla robokelwa, o rapalle hara maqai le ba ileng ba bolawa ka sabole.

29. “Edomo le yona e teng, le dikgosi tsa yona le mahosana a yona. Le hoja batho bana e ne e le dinatla, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole. Ba tla rapalla jwalo le maqai le ba theohelang mohohlong.

30. “Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong.

31. “Faro o tla bona batho bana bohle ba bolailweng ka sabole, mme o tla tshediseha, yena le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.

32. “Le hoja ke ile ka etsa hore Faro a tshajwe haholo ke batho ba phelang lefatsheng, o tla rapalla hara maqai le ba bolailweng ka sabole; yena Faro le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.”

Esekiele 32