Esekiele 30:23-26 BIBELE (SSO89SO)

23. Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele.

24. Ke tla matlafatsa matsoho a kgosi ya Babilona, ke e tshwarise sabole ya ka, empa ke tla roba matsoho a Faro, yena a dumaele kapele ho sera sa hae, modumaelo wa hae o ke wa motho ya shwang.

25. Matsoho a kgosi ya Babilona wona ke tla a matlafatsa, empa a Faro wona a tla lepella feela. Etlare ha ke tshwarisa kgosi ya Babilona sabole ya ka, mme kgosi eo e e otlollela hodima naha yohle ya Egepeta, Baegepeta ba tsebe hore ke nna Morena.

26. Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”

Esekiele 30